Genese 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lentswe lena la eba bohloko haholo ho Abrahama ka baka la mora hae. BIBELE Ntho ena ya utlwisa Aborahama bohloko haholo, ka baka la mora wa hae. |
Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.
Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!
Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;
Empa tayo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; e a mo llisa; empa hamorao, ba rutwang ka yona e ba kotudisa kgotsong ditholwana tsa ho loka.