Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.
Genese 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o re ho Abrahama: Lelekisa lekgabunyane leo le mora wa lona, hobane mora wa lekgabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mora ka Isaaka. BIBELE Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.” |
Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.
Empa selekane sa ka ke tla se tiisa le Isaaka, eo Sara a tlang ho o tswalla yena isao, wona motsotsong ona.
Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.
Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.
Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.
Ke moo jwale o sa hloleng o le mohlanka, empa o mora; mme ha o le mora, hape o mojalefa wa Modimo ka Kreste.
re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;
Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.
Mohatsa Gileade o ne a mo tswaletse bara; eitse hobane bara ba mohatsa hae ba hole, ba lelekisa Jafeta, ba re ho yena: O ke ke wa ja lefa la ntlo ya ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.