O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.
Genese 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng. BIBELE Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.” |
O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.
Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.
Ho Sara a re: Bona, ke neile kgaitsedi ya hao dishekele tse sekete tsa silefera; a e be lesira mahlong ha hao, le ho bohle ba nang le wena, mme o tla loka le pela batho bohle.
Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,
Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.
Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.
Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.
Jehova o ahlola ditjhaba. Jehova, o ntokisetse! Nke ke etswe ka ho loka ha ka le ka bokgabane ba ka.
Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!
Mme Davida a ba moalosi wa bona ka pelo e hlwekileng, a ba tsamaisa ka letsoho le hlalefileng.
Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.
Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.
Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.
Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.
nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.
Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!