Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.
Genese 20:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kwana kannete ke kgaitsedi ya ka, etswe e le moradi wa ntate, leha empa e se moradi wa mme, mme ebile ke mosadi wa ka. BIBELE Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka. |
Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.
O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.
Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.
Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.
Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara.
Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.
Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna.