Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.
Genese 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona. BIBELE Yaba Morena Modimo o tshwarisa motho boroko bo boholo, mme a kgaleha. Jwale Morena Modimo a ntsha le leng la mahopo a hae, a nto busetsa nama madulong a yona. |
Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.
O bua ka ditoro, ka dipono tsa bosiu, ha batho ba tshwerwe ke boroko, mme ba robetse diphateng tsa bona.
A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.
Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.