Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.
Genese 19:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Oho banabeso, se etseng sehloho. BIBELE mme a re: “Ke a le rapela, bana beso; se keng la etsa bokgopo bo tjena. |
Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.
Bonang hle, ke na le baradi ba babedi ba esong ho tsebe monna; ke tla le tlisetsa bona kantle, le ba etse kamoo le ratang kateng. Empa feela banna bana, le se ke la ba etsa letho, etswe e le ka baka leo ba keneng moriting wa marulelo a ka.
Ekare ha monna a robetse le monna e mong, jwalokaha ho robalwa le mosadi, ba entse ba babedi ntho e manyala, ba tla bolawa: madi a bona a tla ba hodima bona.
O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;
Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;
Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.
Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.
Monna, monga ntlo, a tswela ho bona, a re ho bona: Tjhe, banabeso, se etseng hampe; haele moo monna eo a fapohetse ha ka, le se ke la etsa manyala a kalo.
Mohlang oo, ha tla Gaale, mora Ebede, a ena le banababo; ba kena le Sikeme, mme beng ba Sikeme ba mo tshepa.