La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa eitse ba eso ho robale, banna ba motse, bona banna ba Sodoma, ba bokanela ntlo, bana le ba hodileng, batho kaofelafela.

Ver Capítulo

BIBELE

Empa yare ho eso robalwe, banna ba motse, banna ba Sodoma, bahlankana le maqheku, banna bohlebohle, ba etsetsa ntlo sakanalankope.

Ver Capítulo



Genese 19:4
12 Referencias Cruzadas  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng.


O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka.


Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.


ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


maoto a bona a lebelo ho ya tsholla madi;


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.