Yaba ba otla banna ba neng ba le pela monyako wa ntlo ka bofofu, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba ba ba kgathala ke ho batla monyako.
Genese 19:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba banna bao ba re ho Lota: Ke bafe bao o sa nang le bona mona? Bakgwenyana, kapa bara, kapa baradi, leha e le mang le mang eo o nang le yena motseng, o ba ntshe motseng; BIBELE Jwale banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba bang moo: bakgwenyana, bara, baradi, kapa mang le mang wa heno ya motseng oo? Ba ntshe sebakeng sena, |
Yaba ba otla banna ba neng ba le pela monyako wa ntlo ka bofofu, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba ba ba kgathala ke ho batla monyako.
hobane rona re ya senya motse ona, hobane mohoo o ba qosang ho Jehova o hlile o moholo, mme Jehova o re romile ho o timeletsa.
Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.
Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.
Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.
Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.
Tswang teng, lona setjhaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae kgalefong e tjhesang ya Jehova.
A bua le phutheho, a re: Tlohang pela ditente tsa banna bao ba babe, mme le se ke la ama letho la bona, esere la timeletswa ka baka la dibe tsohle tsa bona.
mme ha o pholositse Lota, monna ya lokileng, ya neng a hlora hampe ka baka la ketso tse dihlong tsa batho bao ba manyala —
ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;
Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.