A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.
Genese 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba re ho yena: Sara, mohatsa hao o kae? A re: Ke enwa ka tenteng. BIBELE Yaba ba re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sara o kae?” A araba, a re: “O ka tenteng.” |
A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.
A nka mafi, le lebese, le namane e apehilweng, a di bea pela bona; empa yena a ikemela pela bona katlasa sefate, mme ba eja.
Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.
Yaba Labane o kena tenteng ya Jakobo, le tenteng ya Lea, le ditenteng tsa makgabunyane a mabedi; empa a se ke a e fumana; yaba o tswa tenteng ya Lea, a kena tenteng ya Ragele.
Jehova a re ho Kaine: Abele ngwaneno o kae? Kaine a re: Ha ke tsebe; a ke modisa wa ngwaneso na?
ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa.
Ka tumelo, o kile a dula ka mokgwa wa mojaki naheng eo a e baletsweng, a aha ditenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le yena a pallo e le nngwe;