Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.
Genese 18:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse. BIBELE Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.” |
Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.
Bonang hle, ke na le baradi ba babedi ba esong ho tsebe monna; ke tla le tlisetsa bona kantle, le ba etse kamoo le ratang kateng. Empa feela banna bana, le se ke la ba etsa letho, etswe e le ka baka leo ba keneng moriting wa marulelo a ka.
Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.
Ha a a lata, a mo kopa hape, a re: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe ka letsoho la hao.
le veine e thabisang pelo ya motho, le ole e kgantshang sefahleho sa hae, le bohobe ba tiisang pelo ya motho.
Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;
Manowa a re ho lengeloi la Jehova: Re dumelle re o thibele, re tle re o lokisetse potsanyane.
Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Leha o ka nthibela, nke ke ka ja dijo tsa hao; leha o ka etsa setjheso, se etsetse Jehova. Hobane Manowa o ne a sa tsebe hoba ke lengeloi la Jehova.
Eitse ka la bone, ba tsoha e sa le hosasa; Molevi ha a re o a tsamaya, ntata morwetsana a re ho mokgwenyana wa hae: Natlafatsa pelo ya hao ka ho ja mothamo wa bohobe, le ntoo tsamaya.
O se ke wa tloha mona, ke eso ho kgutlele ho wena, ka o tlisetsa nyehelo ya ka, ka e bea pela hao. Eo a re: Ke tla dula, o be o boye.
Yaba Gideone o ya, a lokisa potsanyane, a nka le efa ya phofo, a etsa dinkgwana tse se nang ditomoso; a bea nama serotong, a tshela moro pitseng; a mo tlisetsa tsona tlasa sefate sa terebinthe, mme a mmeela tsona.