a re: Morena ka, ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, o se ke wa fapoha mohlanka wa hao.
Genese 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena. BIBELE A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate. |
a re: Morena ka, ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, o se ke wa fapoha mohlanka wa hao.
a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.
Yaba monna eo o kena ka tlung; mme Labane a mo qhanollela dikamele tsa hae, a ba a nea dikamele mooko le furu, a mo fa le metsi a hlatswang maoto a hae le maoto a batho ba nang le yena.
Yaba motho eo o tlisa banna bao ka tlung ya Josefa, a ba nea metsi a hlatswang maoto a bona, a fepa le diesele tsa bona.
Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.
ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
Yaba o mo isa tlung ya hae, a nea diesele furu, ba ntoo itlhatswa maoto, ba eja, ba enwa.
Ebile o ema, a inamela fatshe ka sefahleho, a re: Ke nna enwa lekgabunyane la hao, ke be mofo ya hlatswang maoto a bahlanka ba monghadi.