Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.
Genese 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena. BIBELE “Ke tla o fa bana ba bangata haholo; ho wena ho tla tswa ditjhaba, mme o tla tswala dikgosi. |
Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.
Mme ke tla mo hlohonolofatsa, hape ke tla o fa mora ka yena; mme ke tla mo hlohonolofatsa, e tla ba mma ditjhaba, mme marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.
Haele bakeng sa Ishmaele, ke o utlwile: Bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise, ke mo ngatafatsa haholoholo; o tla tswala marena a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.
Yaba o tloha teng, a tjheka sediba se seng, mme sona ha se a ka sa tsekwa, mme a se rea lebitso la Rehobothe (sebaka), a re: Jwale, Jehova o re etseditse sebaka, mme re tla ata lefatsheng.
Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.
Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.
E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.
Yaba Iseraele o aha lefatsheng la Egepeta, naheng ya Goshene, mme ba rua teng, ba ata, ba ngatafala haholoholo.
Yaba Jakobo o re ho Josefa: Modimo o matla wohle o kile wa iponahatsa ho nna Luse, naheng ya Kanana, wa ntlhohonolofatsa,
wa re ho nna: Bona, ke tla o atisa, ke o anafatse, ke o etse letshwele la ditjhaba, ke o fe lefatshe lena, wena le ditloholo tsa hao kamorao ho wena, e be lefa la kamehla.
hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.
Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.