Lengeloi la Jehova la ba la re ho yena: Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, bongata ba tsona bo be bo sitehe ho balwa.
Genese 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae. BIBELE Empa lengeloi la Morena la re: “Kgutlela ho monga hao, mme o ikokobetse tlasa hae.” |
Lengeloi la Jehova la ba la re ho yena: Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, bongata ba tsona bo be bo sitehe ho balwa.
Abrame a re ho Sarai: Bona, lekgabunyane la hao ke lena, le diatleng tsa hao, o le etse kamoo o ratang kateng. Yaba Sarai o a le hlorisa, la ba la mo balehela.
La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.
Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Bolella bahlanka hore ba no utlwa beng ba bona, ba ba kgahlise nthong tsohle, ba se ke ba ba fetola,