Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.
Genese 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka. BIBELE mme la re: “Hagare, lekgoba la Sarai, o tswa kae, o ya kae?” Hagare a arabela, a re: “Ke baleha monga ka, Sarai.” |
Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.
Abrame a kena ho Agare, mme a emola; mme eitse ha a bona hoba o emotse, mofumahadi wa hae a nyediseha mahlong a hae.
Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae.
Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.
Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.
Elia ha a le utlwa, a ikgurumetsa sefahleho ka kobo ya hae; a tswela ntle, a ema monyako wa lehaha, a utlwa lentswe le mo tlela, le re: O etsang moo, Elia?
A kena lehaheng le leng, a hlola teng. Lentswe la Jehova la mo tlela, la re: O etsang moo, Elia?
Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.
Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae?
Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.