Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.
Genese 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure. BIBELE Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure, |
Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.
Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.
Tsoha, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.
Yaba Modimo o tutubolla mahlo a hae, mme a bona sediba sa metsi; a ya, a tlatsa sehwana, a nwesa ngwana.
Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.
Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.
Ba lesika la hae ba ahela ho nka Havila ho isa Shure e pela Egepeta ka nqa Asiria; Ishmaele a aha jwalo pontsheng ya banababo kaofela.
Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.
Yaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho yena, kgabong ya mollo, kahare ho sehlahla, mme ha a tadima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa tjhe.