Genese 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o mo nkela tsona kaofela, a di kgekgetha kalehare, a bea mokgekgetho o mong malebana le o mong; empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha. BIBELE A mo tlisetsa tsena kaofela, a di kgekgetha, a bea mokgekgetho ka mong o bapile le wa habo wona, empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha. |
Eitse ha letsatsi le se le diketse, ho se ho phirimile, bonang, ha eba sebopi se kubellang, mme lelakabe la mollo la tsamaya pakeng tsa mekgekgetho eo.
Yaba Jehova o re ho yena: Nkukele sethole se lemo tse tharo, le podi e tshehadi e lemo tse tharo, le pheleu e lemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.
O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.