Genese 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha a se a ya kena Egepeta, a re ho Sarai, mosadi wa hae: Bona hle, ke a tseba hoba o mosadi e motle ho tadingweng; BIBELE Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo; |
Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.
Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara.
E ne e le morwetsana e motle haholo ho bonwa, e ne e sa ntse e le morwetsana, a eso ho tsejwe ke monna; a theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a ntoo nyoloha.
Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.
Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng.
bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.
Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.
Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A boloka morena, a mo sebeletsa; empa morena a se ke a mo tseba.
Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.