Genese 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo. BIBELE Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo. |
Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.
dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, di tla tla kaofela ka pedi ho wena, di tle di pholohe.
bona, le diphoofolo tsohle ka mefuta ya tsona, le makgomo wohle ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona, le dinonyana tsohle tse mapheo.
le diphoofolo tsohle, le dihahabi tsohle, le dinonyana tsohle; ntho tsohle tse tsamayang lefatsheng ka mefuta ya tsona, tsa tswa arekeng.
Na o tseba nako eo letsa le tswalang ka yona na? Na o lemohile pelehi ya dikgama ha di tswala na?
Na ke wena ya neileng pere matla a yona, ya kgabisitseng molala wa yona ka moetse o fokaelang na?
Tadima jwale Behemothe (kubu), eo ke e entseng jwalokaha ke o entse. E fula jwang jwaloka kgomo.