Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.
Esthere 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona. BIBELE Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!” |
Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.
Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,
Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.
Ba re ba sa bua, ke ha matona a morena a fihla, a phakisa a isa Hamane dijong tse entsweng ke Esthere.
Ha fumanwa ho ngodilwe kamoo Mordekai a neng a hlahisitse ditaba tsa Bigthane le Thereshe kateng, matona a mabedi a morena a balebedi ba monyako, tsa kamoo ba batlileng ho isa letsoho ho morena Assueruse kateng.
Morena Assueruse a re ho mofumahadi Esthere le ho Mojuda Mordekai: Bonang, ke neile Esthere ntlo ya Hamane, mme yena o ile a fanyehwa sefateng, hobane a ne a isitse letsoho la hae ho Bajuda.
Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.
Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae.
Tshenyeho a e ke e ba wele hodimo ka sehloho; ba ke ba tshwaswe lerabeng leo ba le patileng, ba wele teng, ba timelle ho lona!
Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona.
Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.
Ebile Davida o titima, a ema ho Mofilesta; a nka sabole ya hae, a e pshemola selateng sa yona, a mmolaya, a mo kgaola hlooho ka yona. Bafilesta bohle ha ba bona hobane senatla sa bona se shwele, ba baleha.