Eitse ha dira tsohle tsa rona di utlwa, tjhaba tsohle tse re teetseng hare tsa tshoha, mme tsa nyahama dipelo; tsa tseba hoba mosebetsi oo o entswe ke Modimo wa rona.
Esthere 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Esthere a re: Motshwenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enwa! Jwale Hamane a tshoha haholo pela morena le mofumahadi. BIBELE Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha. |
Eitse ha dira tsohle tsa rona di utlwa, tjhaba tsohle tse re teetseng hare tsa tshoha, mme tsa nyahama dipelo; tsa tseba hoba mosebetsi oo o entswe ke Modimo wa rona.
Yaba morena o rola lesale letsohong la hae, a le nea Hamane, mora Hammedatha, Moagage, mohlorisi wa Bajuda.
Yaba morena Assueruse o araba, a re ho mofumahadi Esthere: Ya betileng pelo ho etsa jwalo, ke mang? o kae?
Ka lona tsatsi leo, morena Assueruse a nea mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane, motshwenyi wa Bajuda, Mordekai yena a kena pela morena hobane Esthere o ne a mmoleletse seo a leng sona ho yena.
Ba bolotsana, bao e leng dira ho nna, le bahanyetsi ba ka, ha ba tswela ho nna ho ja nama ya ka, ba kgoptjwa, ba wa.
Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.
Pelo ya ka e ferekane; letsoso le lebe le ntshwere; bosiu ba thabo ya ka bo fetohile bosiu ba tshoho.
Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.
Jwalokaha maele a baholo, a re: Ho bakgopo ho tswa bokgopo; ha ho le jwalo, letsoho la ka le ke ke la eba ho wena.