Esthere 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a re: Hlompho le kganya ke dife tseo Mordekai a di etseditsweng bakeng seo? Bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Ha a ka a etsetswa letho. BIBELE Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?” Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!” |
Davida o ne a itse: Ya tla qhala Bajebuse pele, e tla ba kgosana le morena. Joabe, mora Tseruja, a hlwa pele, mme a etswa kgosana.
Ha fumanwa ho ngodilwe kamoo Mordekai a neng a hlahisitse ditaba tsa Bigthane le Thereshe kateng, matona a mabedi a morena a balebedi ba monyako, tsa kamoo ba batlileng ho isa letsoho ho morena Assueruse kateng.
Morena a re: Ya lebaleng ke mang? Kanthe Hamane o fihlile lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, a tlile ho kopa ho morena hore ho fanyehwe Mordekai sefateng seo a mo lokiseditseng sona.
empa teng motho o ne a le teng, wa mofutsana, ya bohlale, ke yena ya pholositseng motse ka bohlale ba hae; leha ho le jwalo, motho eo wa mofutsana ha a ka a hopolwa ke motho.
Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.
Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.
Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.