Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.
Esthere 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena. BIBELE Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa. |
Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.
Haele mesebetsi yohle ya matla a hae, le diketso tsa hae tse phahameng, leha e le qaqiso ya boholo ba Mordekai, kamoo morena a kileng a mo phahamisa kateng, ha ke re, taba tseo di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa marena a Media le Persia?
Mehleng eo, Mordekai ha a sa ntsane a dutse pela monyako wa morena, Bigthane le Thereshe, matona a mabedi a morena, e leng balebedi ba menyako, ba hlonamela morena, mme ba leka ho isa matsoho a bona ho morena Assueruse.
Taba eo ya mpa ya tsejwa ke Mordekai, mme a e tsebisa mofumahadi Esthere, Esthere yena a e bolella morena ka lebitso la Mordekai.
Taba eo ya batlisiswa, mme ya fumanwa hobane e jwalo. Ba fanyehwa ba babedi sefateng; mme taba tseo tsa ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso, pontsheng ya morena.
Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.
Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.
Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.
Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.
Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.
A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!