Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,
Esthere 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Esthere o bitsa Hathake, le leng la matona a beilweng ke morena pela hae, a mo laela hore a ye ho Mordekai, a tle a utlwe taba e leng teng le lebaka la taba eo. BIBELE Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng. |
Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,
Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.
Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.
Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.
E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.