Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.
Esthere 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Memukane o araba pela morena le mahosana, a re: Mofumahadi Vashti ha a sitelwa morena a nnotshi, o sitetswe le mahosana wohle le ditjhaba tsohle tse naheng tsohle tsa morena Assueruse. BIBELE Yaba Memukane o araba a le kapele ho kgosi le mahosana, o re: “Mofumahadi Fashiti ha a ya sitelwa kgosi feela, empa o sitetswe le mahosana wohle, le ditjhaba tsohle tse dinaheng tse buswang ke kgosi Ahashuerushe. |
Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.
Ka melao e leng teng, e ka kgona mofumahadi Vashti a etswe jwang, haele mona a sa ka a etsa ka taelo ya morena Assueruse e isitsweng ho yena ke matona?
Hobane ketso eo ya mofumahadi e tla tuma hara basadi bohle, mme banna ba bona ba tla nyediseha mahlong a bona, ba be ba re: Morena Assueruse o ne a laetse hore ho tliswe mofumahadi Vashti pela hae, empa o hanne ho tla.
Empa Pauluse ha a re o ahlamisa molomo wa hae, Galione a re ho Bajuda: Bajuda, holane ho tsekwa taba e kgopo, leha e le ketso e nngwe ya bolotsana, nka be ke tshwanela ho le emela.
Pauluse a re: Ke eme lekgotleng la Sesare, moo ke tshwanetseng ho ahlolwa teng; haele ho Bajuda, ha ke a ka ka etsa ho kgopo, jwaloka ha le wena o tseba hantlentle.