La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Esdrase 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha dira tsa Juda le Benjamine di utlwa hore bana ba kgoleho ba haha tempele ya Jehova, Modimo wa Iseraele,

Ver Capítulo

BIBELE

Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele,

Ver Capítulo



Esdrase 4:1
14 Referencias Cruzadas  

Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


Haele ba kgutlileng kgolehong, bona ba etsa. Moprista Esdrase, le banna ba bang, bao e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba kgethwa ka matlo a bontata bona, mme bohle ba bolelwa ka mabitso a bona. Ba tla hammoho ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome, ho botsisisa taba ena.


Yaba ba hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong mokgosi, Juda le Jerusalema, ha thwe, ba phuthehele Jerusalema;


ho se motho hara setjhaba ya ka kgethang modumo wa ditlatse tsa thabo ho modumo wa ho lla ha setjhaba; hobane setjhaba se ne se etsa ditlatse tse kgolo, tseo modumo wa tsona o neng o utlwahala hole.


Yaba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le ba bang ba kgutlileng kgolehong, ba etsa kgakolo ya ntlo eo ya Modimo ka thabo;


A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.


Yaba Daniele o tliswa pela morena. Morena a bua, a re ho Daniele: A ke wena Daniele wa batshwaruwa ba Bajuda bao morena ntate a ba ntshitseng Juda na?


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.