Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.
Eksoda 9:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno. BIBELE Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno. |
Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.
hosasane, ha ho le jwalo, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba batlisise tlung ya hao le matlung a bahlanka ba hao, mme tsohle tse o kgahlang, ba tla di nka ka matsoho a bona, ba ye le tsona.
Elisha a re: Utlwang lentswe la Jehova: Jehova o re: Hosasane, ha ho le jwale, tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shelele e le nngwe, mme tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shelele e le nngwe, kgorong ya Samaria.
Monna wa Modimo o ne a boleletse morena, a re: Hosasane, ha ho le jwalo, tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shekele, le tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shekele kgorong ya Samaria.
e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.
Tsie ya aparela lefatshe lohle la Egepeta, ya dula fatshe dinaheng tsohle tsa Egepeta, e le ngata hampe; pele ho yona ho ne ho eso ho be tsie e ka ka yona, le kamorao ho yona ha ho ka ke ha eba e kalo.
Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.
Ho ya ba dillo tse kgolo naheng yohle ya Egepeta, tseo ho esong ho be tse kalo, mme ho ke keng ha hlola ho eba tse kalo.
Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo.