Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.
Eksoda 8:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena. BIBELE Yaba Faro o bitsa Moshe le Arone, o re ho bona: “Tsamayang, le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo hona naheng ena!” |
Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.
Yaba Faro o bitsa Moshe, a re: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, empa feela ha ho sale manku a lona le makgomo a lona, le ye le bana ba lona.
Yaba Moshe le Aarone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa lona. Na ho tla ya bomang le bomang?
A bitsa Moshe le Aarone bosiu, a re: Tlohang, le tswe setjhabeng sa ka, lona le bana ba Iseraele, le ye, le sebeletse Jehova, jwalokaha le boletse.
Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.
Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.
Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.
Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.
Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.