Eksoda 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ekare ha o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, ke tla romela menwang ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao; matlo a Baegepeta a tla tlala menwang, le mobu oo ba emeng hodima wona. BIBELE Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona. |
Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.
Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.
Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.