Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.
Eksoda 7:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse. BIBELE Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela. |
Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.
Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.
Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Dihlapi tse nokeng tsa eshwa, noka ya eba sebodu, mme Baegepeta ba sitwa ho nwa metsi a noka; mme madi a eba teng naheng yohle ya Egepeta.
Ekare ha e le baporofeta, mme lentswe la Jehova le le teng ho bona, ba ke ba rapele Jehova wa makgotla, hore mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema a se ke a nkelwa Babilona.
Mme jwalokaha Janese le Jambrese ba ne ba hanyetsa Moshe, bao le bona ba hanela nnete jwalo; ke batho ba dikelello tse bodileng, ba lahlilweng ka nqeng ya tumelo.