Dihlapi tse nokeng tsa eshwa, noka ya eba sebodu, mme Baegepeta ba sitwa ho nwa metsi a noka; mme madi a eba teng naheng yohle ya Egepeta.
Eksoda 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Dihlapi tse nokeng di tla shwa, noka e be sebodu, mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a noka. BIBELE Ditlhapi tse ka nokeng di tla shwa; noka e tla nkga phu! mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a tswang nokeng.’ ” |
Dihlapi tse nokeng tsa eshwa, noka ya eba sebodu, mme Baegepeta ba sitwa ho nwa metsi a noka; mme madi a eba teng naheng yohle ya Egepeta.
Baegepeta kaofela ba tjheka mathokong a noka, ho batla metsi a nowang, hobane ba ne ba sitwa ho nwa metsi a noka.
Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.
tjhe, empa e tla ba ka kgwedi e tletseng, ho fihlela ha nama e etswa dinkong tsa lona, mme e nyekisa dipelo tsa lona; hobane le lahlile Jehova ya leng hara lona, la lla pela hae, la re: A ke ka baka lang ha re tswile Egepeta?
Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.