Eksoda 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha; BIBELE Hosasane o tle o ye ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng; wena o tle o eme lebopong la noka, o teane le yena, ka letsohong la hao o nke molamu o ileng wa fetoha noha. |
Yaba moradi wa Faro o theohela nokeng ho ya tola, mme barwetsana ba hae ba nna ba itsamaela lebopong la noka; eitse ha a bona sethoto hara lehlaka, a roma lekgabunyane la hae ho ya se nka.
Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.