Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, hobane ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse dipontsho tsena tsa ka pela hae;
Eksoda 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Moshe: Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba. BIBELE Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye. |
Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, hobane ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse dipontsho tsena tsa ka pela hae;
Hobane ha o hanela setjhaba sa ka ha se tsamaya, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie lefatsheng la hao;
Empa ke tseba hoba morena wa Egepeta ha a ka ke a le dumella ho tsamaya, esita leha a ka etswa ka letsoho le matla.
ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;
Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale nokeng feela.
Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Eitse ha Faro a bona hobane pula le sefako le diaduma di kgaoditse, a eketsa ho etsa hampe, a ithatafatsa pelo, yena le bahlanka ba hae.
Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba.
empa ha le ikganela, le ikgantsha, le tla jewa ke lerumo; hobane molomo wa Jehova o boletse.
Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha?
le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.
Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?
Ho ka thusang, leha le ka thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba kile ba thatafatsa dipelo tsa bona? Ana ha ba ba ka ba tlohelwa, ba itsamaela, mohla a etsang ka matla hara bona na?