Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.
Eksoda 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eya, o bolelle Faro, morena wa Egepeta, hore a lesele bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae. BIBELE “Tsamaya, o yo bua le Faro, kgosi ya Egepeta, o re a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.” |
Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.
ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.
Hobane haesale ke eya ho Faro, ke bua ka lebitso la hao, o entse setjhaba sena hampe, le ho lwela setjhaba sa hao ha o a se lwela.
Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona.
Jehova a re ho Moshe: Bona, ke o beile Modimo ho Faro, mme Aarone moholwane wa hao, e tla ba moporofeta wa hao.