Eksoda 40:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, o bee morifi pela tente ya pokano le aletare, mme o o tshele metsi. BIBELE ebe o bea sekotlolo seo ho itlhatswetswang ka ho sona pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, o be o tshele metsi ka ho sona. |
Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.
Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.
e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,
a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.