Le aletare ya koporo e pela Jehova, a e tlosa pela ntlo tulong tsa yona, dipakeng tsa aletare le ntlo ya Jehova, a e bea nqa leboya ho aletare.
Eksoda 40:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Aletare ya ditjheso yona o tla e bea pela monyako wa tabernakele ya tente ya pokano. BIBELE “O tla bea aletare ya setjheso kapele ho monyako wa Leaho, Tente ya Morena; |
Le aletare ya koporo e pela Jehova, a e tlosa pela ntlo tulong tsa yona, dipakeng tsa aletare le ntlo ya Jehova, a e bea nqa leboya ho aletare.
Aletare ya ditjheso yona a e bea monyakong wa tabernakele ya tente ya pokano, a hlahisa teng mahlabelo a ditjheso le nyehelo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Aletare ya kgauta ya dibano, o tla e bea pela areka ya bopaki, o bee lesela le homilweng monyakong wa tabernakele.
A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.
Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.