Yaba Moshe o ya bitsa baholo ba setjhaba, a ba phetela mantswe ana kaofela ao Jehova a mo laetseng wona.
Eksoda 4:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba. BIBELE Yaba Arone o pheta mantswe wohle ao Morena a a buileng ho Moshe; a ba a etsa le mehlolo moo setjhaba se ntseng se bona. |
Yaba Moshe o ya bitsa baholo ba setjhaba, a ba phetela mantswe ana kaofela ao Jehova a mo laetseng wona.
Yaba Moshe o araba, a re: Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, mme ha ba ka ke ba mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Jehova ha a ka a iponahatsa ho wena.
O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.
E tla ba yena mmueli wa hao ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, mme wena o be bakeng sa Modimo ho yena.