Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.
Eksoda 4:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae. BIBELE Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae. |
Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.
Moshe a re ho Joshua: Re kgethele banna, o tswe, o lwantshe Amaleke: haele nna, hosasane, ke tla ema qhoweng ya thaba, ke nkile lere la Modimo letsohong la ka.
A tsebisa Moshe, a re: Nna, Jethro, mohwehadi wa hao, ke tla ho wena ke na le mosadi wa hao, le bara ba babedi ba hae bao a nang le bona.
Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.
Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.