Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.
Eksoda 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla nka lere lena letsohong la hao, o tle o etse mehlolo ka lona. BIBELE Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.” |
Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.
Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.
Moshe a re ho Joshua: Re kgethele banna, o tswe, o lwantshe Amaleke: haele nna, hosasane, ke tla ema qhoweng ya thaba, ke nkile lere la Modimo letsohong la ka.
Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.
Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.
Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla.