Eksoda 38:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) mejaro ya kenngwa mehweleng, mahlakoreng a aletare, hore e jarwe ka yona; ya etswa ka dipolanka, e le sekoti kahare. BIBELE Mefeng eo a e kgwesa mefitshaneng, mahlakoreng a aletare, hore aletare e tle e jarwe ka yona. A e etsa ka dithupa tse fatilweng sekoti hare. |
Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.
Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;
Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.
Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng hara lona haese Jesu Kreste, le hona e le ya thakgisitsweng.