Eksoda 34:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Moshe: O betle matlapa a mabedi a kang a pele, mme ke tla ngola matlapeng mantswe a neng a le matlapeng a pele ao o a bolaileng. BIBELE Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng. |
Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.
Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.
Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo; lengolo e ne e le lengolo la Modimo, le ngodilweng matlapeng.
Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.
Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.
Moshe a betla matlapa a mabedi a kang a pele; mme a tsoha e sa le hosasa, a hlwella thabeng ya Sinai, jwalokaha Jehova a ne a mo laetse, a ya a nkile matlapa a mabedi matsohong a hae.
Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.
A le tsebisa selekane sa hae, seo a le laetseng hore le etse ka sona, mantswe a leshome; mme a a ngola matlapeng a mabedi.