Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.
Eksoda 32:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a re: Hase mantswe a bahlodi ba arabelanang, kapa mantswe a ba hlotsweng ba arabelanang, ke utlwa mantswe a dumellanang a dipina. BIBELE Empa Moshe a re: “Hase lerata la ho thabela tlholo, hase lerata la ho llela ho hlolwa; nna ke utlwa lerata la batho ba binang.” |
Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.
Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.
o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.
Ba enwa veine, ba ba ba roka medimo ya bona ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe.