ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.
Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.
Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;
ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?