O tla bea aletare kapele ho lesira le siretseng areka ya selekane, kapele ho sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka eo, moo ke tla kopana le wena teng.
Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.
Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.