Eksoda 3:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke tseba hoba morena wa Egepeta ha a ka ke a le dumella ho tsamaya, esita leha a ka etswa ka letsoho le matla. BIBELE Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo. |
Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.
Jehova a re ho Moshe: Faro ha a ka ke a le utlwa, e le hore mehlolo ya ka e tle e atiswe naheng ya Egepeta.
Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.
Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.
Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.
Yaba Faro o re: Ke tla le lokolla, le tle le ye ho hlabela Jehova, Modimo wa lona, lefeelleng; empa le se ke la ya hole hakakang; nthapelleng.
Pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka molomo wa Moshe.
Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba.