Eksoda 28:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) O nke mahakwe a mabedi a onikse, o ngole ho wona mabitso a bana ba Iseraele; BIBELE “O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele. |
Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.
Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.
mabitso a tsheletseng a ngolwe lehakweng le leng, a mang mabitso a tsheletseng lehakweng le leng, ka ho ya ka meloko ya bona.
O tla etsa le lebenyane la kgauta e hlwekileng, mme o tla ngola ho lona ka mokgwa wa tiiso ya mangolo taba e reng: Kgalalelo ho Jehova.
Senyepa se e tlamang, e be ntho e le ngwe le yona; se tla bewa hodima yona, e be sa mofuta o le mong le yona, se etswe ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.
le ho betla mahakwe a kenngwang dikoomaneng le ho betla difate, le ho etsa mesebetsi ya mefutafuta.
molaneng a bone, ha bewa krisolite, le onikse, le jaspe. Mahakwe ana a ne a dikadikeditswe ka kgauta dikoomeneng tsa wona.
Ha sebetswa mahakwe a onikse, a kenngwa dikoomaneng tsa kgauta; a ngolwa ka mokgwa wa tiiso ya mangolo, a ngolwa mabitso a bana ba Iseraele;
O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.
O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.
Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.