Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.
Eksoda 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka. BIBELE Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista. |
Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.
ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;
O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.
Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.
Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.
Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.
Ponong ya ka ka bona jwalo le tsona dipere, le ba di kaletseng; ditshireletso tsa bona e ne e le tsa mollo, le tsa hiasinthe, le tsa sebabole; dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau; ho ne ho etswa melomong ya tsona mollo, le mosi, le sebabole.
Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.
Mohla Abiathare, mora Akimeleke, a balehelang ho Davida, o ne a tlile Keila, a ena le efoda.
Ebile Davida o re ho moprista Abiathare, mora Akimeleke: Ako atametse efoda pela ka. Abiathare a atametsa efoda pela Davida.