O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:
O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.
e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.
O ba tlatsitse ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi yohle e sebetswang ke dibetli, le diqapi, le dihomi tsa purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle, le dilohi, hore ho etswe mesebetsi yohle e ka sebetswang le e ka qapuwang.
Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.
Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.
Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.