La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 26:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

O tla bea sekwahelo hodima areka ya bopaki, sehalaledisisong.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa o tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka ya selekane.

Ver Capítulo



Eksoda 26:34
6 Referencias Cruzadas  

Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.


O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.


Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.


A lekanya bolelele bo kahare, bo le tswe tse mashome a mabedi, le bophara bo le tswe tse mashome a mabedi, ka pele ho tempele; yaba o re ho nna: Hoo ke sehalaledisiso.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Kahodimo ho areka eo, ho ne ho le dikerubime tse kganyang, tse okametseng sekwahelo sa serapello. Empa jwale, hase sebaka sa ho bolela ntho tseo ka bonngwe.