Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.
Eksoda 26:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) O hlome tabernakele ka mokgwa oo o o bontshitsweng thabeng. BIBELE “O tla etsa leaho ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng. |
Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.
Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.
O tla maneha dipolanka ka kgauta, mme o etse mefapo ya tsona ya kgauta eo maballo a tla kenngwa ho yona; le wona maballo o a manehe ka kgauta.
O tla e etsa sekoti kahare, ka dipolanka, kamoo o e bontshitsweng thabeng kateng; e ke e etswe jwalo.
Bakehathe ba tloha le bona, ba jere dintho tse kgethehileng; mme ho ne ho emiswa tabernakele, ba ntse ba lebeletswe ho fihla.
Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.
Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.
eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.
ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.
Efela ho ne ho tshwaneleha hore dintho tse tshwantshang tse lehodimong di hlatsuwe ka mokgwa oo, empa haele tsa lehodimo di ne di tshwanela ho hlatsuwa ka mahlabelo a fetisang ao.
Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.