Eksoda 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) O se ke wa tuba moditjhaba; le lona le tseba maikutlo a moditjhaba hobane le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta. BIBELE “O se ke wa hatella mojaki; o tseba maikutlo a mojaki, hobane le lona le bile bajaki naheng ya Egepeta.” |
ha le ka phela tsatsi le le leng, kapa a mabedi, le ke ke la lefetswa, hobane ke tjhelete tsa hae.
O se ke wa hatakela le ho tuba moditjhaba, hobane le lona le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.
Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.
Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.
Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?
O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.
Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!